Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Isaia 12 - BIBELE


Sefela sa teboho

1 Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse.

2 Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”

3 Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho.

4 Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo.

5 Binelang Morena, hobane o entse tse tlotlehang, tsena le di tsebise lefatshe lohle.

6 Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ