Habakuke 3 - BIBELEThapelo ya Habakuke 1 Ena ke thapelo ya moporofeta Habakuke. Ke kodi-ya-malla. 2 Morena, botumo ba hao ke bo utlwile, le yona mesebetsi ya hao ke a e tshaba, Morena. Ako e ntjhafatse mehleng ena ya rona, o etse hore e tsejwe bophelong ba rona, leha o halefile o nno hopole ho hauhela. 3 Modimo o fihlile a etswa Temana, Ya Halalelang a etswa Thabeng ya Parane. Tlotla e aparetse mahodimo, fatshe le tletse dithoko tsa hae. 4 Kganya ya hae e ka mahlasedi a letsatsi, ka diatleng tsa hae mahlasedi a a betseha! Ke moo matla a hae a patehileng teng. 5 Lefu la sewa le mo eteletse pele, feberu yona e latela mehlaleng ya hae. 6 Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle. 7 Ke bone baahi ba Kushane ba tshohile haholo, le baahi ba Midiane ba otlanya mangwele. 8 Morena, na o ne o halefetse dinoka? Na kgalefo ya hao e ne e tloketse melatswana, kapa o ne o halefetse lewatle, ha o no palame dipere tsa hao, o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo? 9 O ila hula seqha sa hao wa se tjheha, metsu e tletse ka sehlajweng sa hao, wa patsola lefatshe, dinoka tsa phalla. 10 Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo. 11 Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima. 12 Wa hata hodima lefatshe o halefile, wa hatakela ditjhaba o hlokofetse. 13 O no futuha ho ya lopolla tjhaba sa hao, o ilo pholosa motlotsuwa wa hao. Molaodi wa ba kgopo o mo timeditse, wa mo hlobodisa ho tloha hodima hlooho, wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong. 14 Ka metsu ya hae molaodi wa na wa mo hlaba, mohla bahlabani ba neng ba re futuhetse, ba re futuhetse hore ba re qhalanye, ba thabetse ho bolaya bahlophehi, bahlophehi ba neng ba ipatile. 15 Wa hatakela lewatle ka dipere tsa hao, bodiba bo boholo wa bo lwebehlanya. 16 Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng. 17 Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa, 18 nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka. 19 Morena Modimo ke yena ya mmatlafatsang, ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya ntsamaisang hodima dihlaba. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa