Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Genese 49 - BIBELE


Jakobo o porofetela bara ba hae

1 Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang.

2 “Bokanang le mamele, bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele.

3 “Rubene, ke wena letsibolo la ka; ke wena matla a ka, le tholwana ya pele ya bonna ba ka; o feta ba bang ka seriti le ka bonatla.

4 O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.

5 “Simeone le Levi ke bana ba letswele, dihlomo tsa bona ke tse sehloho.

6 Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa.

7 Ho rohakwe bohale ba bona, hobane bo ne bo tshabeha; le kgalefo ya bona, hobane e ne e se na mohau! Ke tla ba qhalakanya hara bana ba Jakobo, ke ba hasanye hara fatshe la Iseraele.

8 “Wena, Juda, bana beno ba tla o rorisa, tsoho la hoa le tla kgama dira tsa hao; bana beno ba tla kgumama kapele ho wena.

9 Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang?

10 Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.

11 O holeha tonki ya hae morareng, le pohwana ya tonki morareng o kgethehileng; o hlatswa diaparo tsa hae ka veine, le kobo ya hae ka lero la morara.

12 Mahlo a hae a tlerefetse ke veine, meno a hae a masweu ke lebese.

13 “Sebulone o tla aha lebopong la lewatle, e tla ba yena kou ya dikepe, meedi ya hae e tla fella Sidone.

14 “Isakare ke tonki e matla, o bothile pakeng tsa masaka.

15 O bona hore ho phomola ho monate, le hore naha e a kgahleha; a sekamisa lehetla la hae ho jara, a sebeletsa monga hae e le lekgoba.

16 “Dane o tla busa setjhaba sa hae e le e mong wa merabe ya Iseraele.

17 Dane e tla ba noha e ka tseleng, e be marabe ya dinaka ka tseleng, ya lomang ditlhako tsa pere, mopalami wa yona a we ka sanketse.

18 “Ke lebeletse ho pholoswa ke wena, Morena.

19 “Gade o tla futuhelwa ke mabotho a bahlabani; yena o tla ba phaladisa, a ba hate direthe.

20 “Dijo tsa Ashere e tla ba tse malodi, o tla fana ka dimonate tsa kgosi.

21 “Nafthali ke kgama ya molalasekwai, e tswalang manamane a matle.

22 “Josefa ke tholwana ya sefate se behang, tholwana ya sefate se behang, se pela sediba, makala a sona a rarahane hodima lerako.

23 Ba fulang ka metsu ba a mo hlorisa, ba diqha ba a mo phephetsa,

24 empa seqha sa hae se ntse se tiile, o matjato diatleng le matsohong a hae; o thuswa ke matsoho a Ya Matla wa Jakobo, e leng Modisa, Lefika la Iseraele.

25 Modimo wa ntatao a ke a o thuse, yena Ya Matla wohle a ke a o hlohonolofatse, ka mahlohonolo a tswang hodimo, lehodimong, ka mahlohonolo a tswang madibeng katlasa lefatshe, ka mahlohonolo a ho tswala le ho nyantsha.

26 Mahlohonolo a ntatao a feta mahlohonolo a dithaba tsa mehla yohle, le mekgabo ya maralla a mehla yohle; kaofela a ke a be hodima hlooho, hlooho ya Josefa, a be hodima phatla, ya eo e leng mokgethwa ho bana babo.

27 “Benjamine ke phiri e harolakang, hoseng e kgetshela tse bolailweng, mantsiboya e arola kgapo ya yona.”

28 Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.


Lefu la Jakobo

29 Jwale Jakobo a ba laela, a re ho bona: “Ke lekgatheng la ho orohela ho bang ka nna; le tle le nkepele pela bontate, lehaheng le tshimong ya Eferone wa Mohete;

30 lehaheng le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, naheng ya Kanana; leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa mabitla.

31 Aborahama le mosadi wa hae Sara ba epetswe hona teng. Isaka le mosadi wa hae Rebeka le bona ba epetswe hona teng; le Lea ke mo epetse hona teng.

32 Tshimo eo le lehaha le ho yona di ne di rekwe ho Bahete.”

33 Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ