Ezekiele 30 - BIBELEMorena o tla otla Egepeta 1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2 “Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Bokollang, le re: “A tsatsi le madimabe!” 3 Tsatsi leo le se le atametse, tsatsi la Morena le se le atametse! E tla ba tsatsi la ho phethesela ha maru, e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba. 4 Egepeta e tla futuhelwa e futuhelwe ka disabole, Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi, ha banna ba ewa mofela naheng ya Egepeta, matlotlo a yona ba a lobela, metheo ya yona ba e fata, ba e heletsa! 5 “ ‘Banna ba Kushe, ba Pute le ba Lode, ba mefuta yohle le ba Kube, le banna ba naha e itlammeng ka selekane, ba tla bolawa le Baegepeta, ba bolawe ka disabole. 6 “ ‘Morena o bua tjena: “ ‘Ba thusanang le Egepeta ba tla bolawa, mokgetho wa mabotho a yona o ripitlwe; ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, bohle ba tla wa, ba bolawe ka sabole, ho rialo Morena Modimo. 7 “ ‘Egepeta e tla ba nanaola e fetang tsohle, metse ya yona e be masupi a fetang wohle. 8 Ha ke tjhesa hlaha naheng ya Egepeta, bohle ba thusanang le yona ke ba ripitla, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena. 9 “ ‘Mohla tsatsi leo ke tla roma maqosa ka dikepe ho ya tshosa Bakushe ba iketlileng. Ba tla aparelwa ke ditlokotsi mohla tsatsi leo la ho timetswa ha Egepeta, hobane ruri lona ho tla le a tla. 10 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Matlotlo wohle a Egepeta ke tla fedisa, ke a fedise ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. 11 Kgosi Nebukadenesare le bahlabani bohle ba hae, tjhaba se sehloho ho feta ditjhaba tsohle, ba tla romelwa ho ripitla naha ena; Egepeta ba tla e futuhela, ba e futuhele ka disabole, naha yohle ba e tlatse topo tsa babolauwa! 12 Melatswana ya noka ya Nile ke tla e pshesa, ke neelane ka naha matsohong a ba kgopo. Naha le tsohle tsa yona ke tla di etsa nanaola, ke di etse nanaola ka tsoho la baditjhaba, ke nna Morena ya buileng jwalo. 13 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ke tla timetsa le medingwana, medingwana ya bohata, ke fedise tshwantsho tsa medimo, ke di fedise naheng ya Nofa; ha ho sa tla ba le kgosana naheng ya Egepeta, pelong tsa Baegepeta teng ke kenye tshabo. 14 Patarose ke tla e fetola e be nanaola, ke tjhese hlaha kahara motse wa Sowane, motse wa Tebese wona ke o otle. 15 Kgalefo ya ka ke tla e hlatsetsa hodima Sine, Sine eo e leng qhobosheane, qhobosheane ya Egepeta, mabotho a Tebese wona ke a ripitle. 16 Ke tla tjhesa hlaha kahara naha ya Egepeta, Sine e meneke ke ho utlwa bohloko; marako a Tebese wona a tla heletswa, ka matsatsi wohle Nofa e phele ka ditlokotsi. 17 Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besete ba tla bolawa ka sabole thekong ya ntwa, baahi ba metse ena ba ye bothopuweng. 18 Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng. 19 Ha ke otla Egepeta ka wona mokgwa ona, Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ” Ho fela ha matla a kgosi ya Egepeta 20 Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 21 “Wena ngwana motho, ke robile letsoho la Faro, kgosi ya Egepeta. Ha le a ka la tlamellwa hore le tle le fole, leha e le ho qahathiswa ka dithupa hore le tle le matlafale, le tsebe ho tshwara sabole. 22 Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ke lwantshana le Faro, kgosi ya Egepeta. Ke tla roba matsoho a hae a mabedi, le phelang hantle le le robehileng, mme ke tla etsa hore sabole e we letsohong la hae. 23 Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele. 24 Ke tla matlafatsa matsoho a kgosi ya Babilona, ke e tshwarise sabole ya ka, empa ke tla roba matsoho a Faro, yena a dumaele kapele ho sera sa hae, modumaelo wa hae o ke wa motho ya shwang. 25 Matsoho a kgosi ya Babilona wona ke tla a matlafatsa, empa a Faro wona a tla lepella feela. Etlare ha ke tshwarisa kgosi ya Babilona sabole ya ka, mme kgosi eo e e otlollela hodima naha yohle ya Egepeta, Baegepeta ba tsebe hore ke nna Morena. 26 Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa