Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Ezekiele 26 - BIBELE


Boporofeta bo nyatsang Tire

1 Ka letsatsi la pele la kgwedi selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’

3 Kahoo Morena Modimo o bua tjena: ‘Wena Tire ke tla o futuhela, ke o bitsetse ditjhaba tse tswang hole, di o lwantshe, jwalokaha lewatle le akgotsa maqhubu a lona.

4 Di tla heletsa marako a Tire, di dihe le ditora tsa yona. Ke tla hohola mobu wa yona, ke siye letlapa le le feela.

5 Tire e tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona hara lewatle, e be lelobelo la ditjhaba, hobane nna Morena, ke buile, ho rialo Morena Modimo.

6 Baradi ba Tire ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”

7 Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla tlisa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, kgosi ya dikgosi, a etswa leboya, a tlo futuhela Tire ka dipere le ka dikariki tsa ntwa, ka bapalami ba dipere le ka lebotho le leholo.

8 O tla bolaela baradi ba hao hara naha ka sabole, a o etsetse thibella, a o hahele marako, a o etsetse lekgwakgwa la dithebe.

9 O tla thua mabota a hao ka ditshetlo, a heletse le ditora tsa hao ka meqala.

10 Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng.

11 Ditlhako tsa dipere tsa hae di tla hatakela diterata tsa hao tsohle. O tla bolaya setjhaba sa hao sohle ka sabole, ditshiya tsa hao di wele fatshe.

12 Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.

13 Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise.

14 Ke tla o etsa lefika le feela, mme o tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona. Marako a hao a ke ke a hlola a tsoswa, hobane nna Morena ke buile, ho rialo Morena Modimo.”

15 Morena Modimo o bua tjena ho Tire: “Na dinaha tse pela lewatle ha di na ho thothomela ha di utlwa hore o wele, ha mahlatsipa a ntse a dumaela, mme batho ba bolawa hara motse wa hao?

16 Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.

17 A tla o binela kodi-ya-malla, a re: “ ‘O ripitlilwe jwang wena motse o tummeng, oo baahi ba wona e leng banna ba lewatle, wena o neng o le sehanyata, sehanyata lewatleng, o le sehanyata mmoho le baahi ba hao? Bohle ba phelang lewatleng ba a o tshaba!

18 Jwale dihlekehleke di a thothomela, di thothomela ka tsatsi la ho wa ha hao; lewatleng dihlekehleke di tshohile, di tshohile ka baka la ho wa ha hao.’ ”

19 Morena Modimo o bua tjena: “Etlare ha ke o etsa nanaola jwaloka motse o hlokang baahi, ke o tebisa lewatleng, metsi a o kwahela,

20 ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang.

21 Ke tla o fedisa ka mokgwa o tshabehang, mme ha o sa tla hlola o eba teng. Ba tla o batla, empa ba ke ke ba hlola ba sa o fumana, ho rialo Morena.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ