Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Diproverbia 3 - BIBELE


Keletso ho batjha

1 Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,

2 o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele.

3 Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.

4 O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona.

5 Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao.

6 Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.

7 O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.

8 O tla phela hantle mmeleng, masapo a hao a tiye.

9 Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.

10 Disiu tsa hao di tla sasamatswa ke tjhai, merifi ya hao e kgaphatsehe veine.

11 Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya,

12 hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.

13 Ho lehlohonolo ya iphumanetseng bohlale, ya bileng a fihletseng kutlwisiso,

14 hoba bo feta silefera ka bohlokwa, ho bo fihlela ke tlotlo le fetang kgauta;

15 bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona;

16 ka ho le letona bo kakatletse bolelele ba bophelo, ka ho le letshehadi bo kakatletse maruo le tlotla.

17 Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso.

18 Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona.

19 Ka bohlale Morena o radile metheo ya lefatshe, ka kelello Morena a ala le mahodimo;

20 ka tsebo ya hae a arohanya madiba, maru a latsa phoka, a e latsa hodima lefatshe.

21 Mora wa ka, boloka bohlale le tlhalohanyo, di se tlohe mahlong a hao.

22 Tsena ho wena e tla ba bophelo, di qhake molala wa hao, di o kgabise.

23 O tla tsamaya o sireletsehile, leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.

24 Ha o robala o ke ke wa tshaba letho, ha o robala o tla kgaleha thuwe!

25 Se tshabe tlokotsi e o tlelang ka tsometso, kapa timetso e welang ba kgopo hodimo;

26 hobane Morena ke yena letshepa la hao, leoto la hao le ke ke la wela lerabeng.

27 Fana ka tse molemo ho ba di hlokang, ha o ena le matla a ho etsa jwalo.

28 O se ke wa re ho wa heno: “Tsamaya o boele o kgutle, ke tla o nea yona hosasa,” empa o ntso ena le yona.

29 O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile.

30 Se qose motho ho se na lebaka, ha yena a sa o senyetsa letho.

31 Se kgahlwe ke motho ya kgantshang bohanka, se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.

32 Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa.

33 Morena o rohaka malapa a ba kgopo; o hlohonolofatsa a ba lokileng.

34 Morena o soma baikakasi, athe baikokobetsi o a ba hauhela.

35 Ba bohlale bona o a ba tlotla, athe lefa la dithoto ke ho tlontloloha.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ