Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Diproverbia 16 - BIBELE

1 Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena.

2 Ketso tsa motho di tadimeha di lokile ho yena, empa Morena o lekola sepheo sa hae.

3 Bea mesebetsi ya hao atleng tsa Morena, mme merero ya hao e tla phethahala.

4 Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.

5 Motho ya ikgantshang, Morena o a mo nyonya, ya jwalo Morena o tla mo ahlola.

6 Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema.

7 Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.

8 Sejosenyane se molemo ha se fumanwe ka toka, ho ena le maruo a fumanwang ka bolotsana.

9 Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang.

10 Diqeto tsa kgosi di tswa ho Modimo, ha e ahlola e ahlola ka toka.

11 Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena.

12 Kgosi di nyatsa ketso tse manyala ho loka hona ho tsitsisa mmuso.

13 Molomo o buang tse lokileng o thabisa dikgosi, dikgosi di rata motho ya buang nnete.

14 Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.

15 Ho thaba ha kgosi ho a phedisa, mohau wa yona o ka leru la pula selemo.

16 Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera.

17 Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.

18 Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.

19 Ho molemo ho ikokobetsa o le hara mafutsana, ho ena le ho arolelana kgapo le baikgohomosi.

20 Ya elang ditaelo hloko o a atleha, ya tshepang Morena o a hlohonolofala.

21 Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa,

22 Bohlale ke diba sa bophelo ho ya nang le bona, ho ruta dithoto ke ho itshenyetsa nako.

23 Ya bohlale o hlalefiswa ke pelo ya hae, le seo a tla se bua o se rutwa ke yona.

24 Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele.

25 Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.

26 Sekgothadi se a itshebeletsa, se itshebeletsa ka thata, hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa.

27 Senokwane se rera bobe, molomong wa sona ho tswa tse tjhesang sa malakabe.

28 Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo.

29 Motho ya dikgoka o hohela ya ahisaneng le yena, a mo tsamaise tseleng tse sa lokang.

30 Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse.

31 Moriri o moputswa ke mofapahlooho o kgabane, o fumanwa ke ya phelang ka ho loka.

32 Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.

33 Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ