Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Diproverbia 12 - BIBELE

1 Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha;

2 ya lokileng Morena o a mo hauhela, ya merero e mebe yena o a mo ahlola.

3 Bokgopo ha bo ke be bo bope motho, ba lokileng bona ba ke ke ba sisinngwa.

4 Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo.

5 Merero ya ya lokileng e nepahetse, keletso tsa ya kgopo di tletse thetso.

6 Polelo tsa ya kgopo ke maraba a ho bolaya, empa tsa ya lokileng tsona di a pholosa.

7 Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla.

8 Motho o babatswa ka baka la bohlale ba hae, empa ya pelo e kgopo yena o a nyediswa.

9 Ho molemo ho nyatswa o ena le kgoba le le leng, ho ena le ho hlomphuwa o bolawa ke tlala.

10 Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho.

11 Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello.

12 Ya kgopo o labalabela qhoqha ya mahahapa, empa ya lokileng yena o a atleha.

13 Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi.

14 Motho e mong o atlehiswa ke dipuo tsa hae, athe e mong o putswa ho ya ka mesebetsi ya hae.

15 Tsela ya sethoto e bonahala e lokile ho sona, empa ya bohlale o amohela keletso.

16 Sethoto se sitwa ho itshwara ha se halefa, empa ya bohlale o iphapanyetsa dikgopiso.

17 Paki ya sebele e bua nnete eo e e tsebang, empa ya bohata yona e bua leshano.

18 Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.

19 Polelo tsa nnete di hlola kamehla, athe leshano ha le na mokoka.

20 Pelong tsa ba rerang bobe ho tletse thetso, empa tsa ba rerang kgotso tsona di tletse thabo.

21 Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi, empa ba kgopo ba tla aparelwa ke bobe.

22 Morena o hloile motho ya buang leshano, empa ya buang nnete yena o a mo thabisa.

23 Mohlalefi ha a boledisake tsebo ya hae, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.

24 Ya sebetsang ka thata ke yena ya tla busa, empa sekgoba sona se tla fetoha lekgoba.

25 Ho feha matshwafo ho nyahamisa pelo ya motho, polelo e monate yona e a e thoba.

26 Ya lokileng ke mohlala ho ba ahisaneng le yena, ba kgopo ba tsamaya tseleng e kgelosang.

27 Sekgoba se kgutla tsholong se itlhophere, athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu.

28 Tsela tse lokileng di isa bophelong, di kutlehile hantle, ha di ise timelong.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ