Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 99 - BIBELE


Morena ke kgosi e ratang toka

1 Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.

2 Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle.

3 Ho bokwe lebitso la hao le leholo, le a tshabeha, le a halalela.

4 O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.

5 Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela.

6 Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba,

7 a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona.

8 Morena Modimo wa rona, o nnile wa ba araba, wa ba Modimo ya ba tshwarelang, ya mpang a ba otla ka baka la bokgopo ba bona.

9 Phafang Morena Modimo wa rona, le mo kgumamele thabeng, thabeng ya hae e halalelang; hobane Morena Modimo wa rona, o a halalela.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ