Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 86 - BIBELE


Thapelo ya ho ikopela thuso

1 Thapelo ya Davida. Morena, ako ntshekehele tsebe, o nkarabe, hobane ke hlophehile, ke futsanehile.

2 Ako baballe bophelo ba ka, hobane ke motshepuwa wa hao, pholosa mohlanka wa hao ya o tshepang.

3 Ke wena Modimo wa ka, nkgauhele, Morena, ke ipiletsa ho wena kamehla.

4 Ako thabise mohlanka wa hao; ke o rapela ka moya wa ka wohle, Morena.

5 Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.

6 Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe, o mamele sello sa thapedi ya ka.

7 Ha ke le matshwenyehong ke ipiletsa ho wena, mme wena o a nkaraba.

8 Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.

9 Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao;

10 hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi.

11 Nthute tsela ya hao Morena, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao; tataisetsa pelo ya ka tshabong ya lebitso la hao.

12 Morena, Modimo wa ka, ke tla o boka ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao kamehla yohle.

13 Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu.

14 Modimo, baikakasi ba ntsohetse matla, sehlopha sa ba sehloho se batla bophelo ba ka, ha ba na taba le wena.

15 Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.

16 Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele; matlafatsa mohlanka wa hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.

17 Bonahatsa molemo wa hao ho nna, ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong, ha ba bona hore wena Morena, o mothusi wa ka le motshedisi wa ka.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ