Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 85 - BIBELE


Ke Modimo ya phedisang setjhaba

1 Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Morena, o ile wa kgahlwa, wa kgahlwa ke lefatshe la hao, wa kgutlisa ba leloko la Jakobo, wa ba kgutlisa bothopuweng.

3 O ile wa leballa setjhaba sa hao, wa se leballa molato wa sona, wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona.

4 O ile wa kokobetsa bohale bohle ba hao, wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.

5 Ako boele o re kgutlise, Modimo, wena, mopholosi wa rona, o fedise kgalefo ya hao ho rona.

6 Na o tla nne o re halefele kamehla? Na kgalefo ya hao e ke ke ya kgaotsa ho isa melokong e tlang?

7 Na o ke ke wa boela wa re phedisa, setjhaba sa hao se tle se o thabele?

8 Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose.

9 A nke ke utlwe seo Morena Modimo a se bolelang, hobane o tla bolella setjhaba sa hae le batshepuwa ba hae tsa kgotso, e le hore ba se ke ba kgutla, ba kgutlela bothotong ba bona.

10 Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona.

11 Mohau le botshepehi di tla kopana, ho loka le kgotso di tla akana.

12 Botshepehi bo tla ropoha lefatsheng, ho loka ho tla theoha lehodimong.

13 Morena o tla fana ka tse molemo, fatshe la rona le be le tjhai e kgolo.

14 Ho loka ho tla mo etella pele, kgotso e fumanwe mehlaleng ya hae.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ