Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 81 - BIBELE


Pina ya mokete wa maphephe

1 Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo.

2 Tshelang Modimo ka ditlatse, ke yena matla a rona; etsetsang Modimo wa Jakobo mehoo, mo etsetseng mehoo ya thabo.

3 Phokolang pina, le tidinye meropa, le letse harepa, le letse le seletsa se modumo o monate.

4 Letsang lenaka ha kgwedi e thwasitse, leha e tolokile, mohla mokete wa rona.

5 Ke molao wa Iseraele, ke taelo ya Modimo wa Jakobo;

6 ke temoso eo a neng a e nee leloko, a e nea leloko la Josefa, mohla le tswang naheng ya Egepeta. Ka utlwa lentswe ke sa le tsebe, le re:

7 “Ke tlositse mojaro mahetleng a hao, matsoho a hao a nyahladitse seroto;

8 ha o le matshwenyehong wa ipiletsa ho nna, mme ka o lopolla. Ka o araba ke ipatile marung a dumang, ka o nonya maikutlo metsing a Meriba.

9 “Mamelang, ha ke le eletsa; lona setjhaba sa ka, Iseraele, hoja wa ka wa mmamela!

10 Ho se be le modimo osele haeno, o se kgumamele modimo wa baditjhaba.

11 Ke nna Morena, Modimo wa hao, ya neng a o ntshe naheng ya Egepeta. Ahlama, ke tle ke o fepe.

12 “Setjhaba sa ka ha se a ka sa mamela, sa mamela lentswe la ka, Iseraele ha a a ka a nnatsa.

13 Ka baka leo, ke ba tlohetse mangangeng a dipelo tsa bona, ba tsamaye ho latela merero ya bona.

14 “Hoja setjhaba sa ka se ka mmamela, Iseraele a tsamaya ka ditsela tsa ka,

15 nka be ke kokobetsa dira tsa hae, ke di kokobetsa hanghang, ke hlola ba mo lwantshang, ke ba hlola ka letsoho la ka.

16 Bohle ba hloileng Morena ba tla tlameha ho mo hlompha, kotlo ya bona e tla ba ya mehla yohle.

17 Empa Iseraele yena ke ne ke tla mo fepa, ke mo fepe ka koro e ntle, ke mo kgorise ka mahe a dinotshi, mahe a tswang lefikeng.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ