Dipesaleme 80 - BIBELESetjhaba se rapella ho tsoswa hape 1 Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”. 2 Oho, modisa wa Iseraele, ako re sekehele tsebe; wena ya tsamaisang leloko la Josefa, ya le tsamaisang jwaloka mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, 3 ako iponahatse ho Efraime, le ho Benjamine, le ho Manase. Bontsha matla a hao, o re pholose. 4 Oho, Modimo, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe. 5 Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang? 6 O se phedisa ka dikgapha jwalokaha eka ke bohobe, o se nwesa meokgo e mengata. 7 O re entse sesosa sa ditsekisano tsa bao re ahisaneng le bona, dira tsa rona di a re soma. 8 Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe. 9 O ile wa hlomola morara Egepeta, wa tla o hloma moo, moo o lelekileng ditjhaba teng. 10 O ile wa o lokisetsa mobu, metso ya teba, yaba wona o tlala naha. 11 Moriti wa wona wa kwahela dithaba, mahlaku a kwahela difate, fate tsa dikedare tse telelehadi. 12 Makala a wona a nama, a nama ho ya fihla Lewatleng, mahlomela a ya fihla Nokeng. 13 Keng ha o dihile metero ya wona, hore o tle o ikgellwe ke mofetakatsela, 14 o tle o fatakwe ke kolobemoru, o jewe ke batana tsa naha? 15 Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o kgutle; ako tadime o le mahodimong, o bone, o hlokomele morara ona. 16 Sireletsa se hlomilweng ke tsoho la hao le letona, mora eo o ikgodiseditseng yena. 17 Ba o tjhesitseng ka mollo, ba o remileng, ba ke ba timetswe ke kgalefo, kgalefo ya fahleho sa hao. 18 Tsoho la hao le ke le be hodima mokgethwa wa hao, mora eo o ikgodiseditseng yena. 19 Jwale ha re sa tla hlola re o furalla, ako boele o re phedise, re tle re rapele lebitso la hao. 20 Oho, Morena, Modimo wa mabotho, ako boele o re tsose, o re bontshe sefahleho se kganyang kgotso, re tle re pholohe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa