Dipesaleme 79 - BIBELEHo senngwa ha Jerusalema le ha Tempele 1 Pesalema ya Asafo. Morena, baditjhaba ba kene, ba kene hara lefa la hao, ba silafaditse Tempele, Tempele ya hao e halalelang, ba fetotse Jerusalema lesupi. 2 Ditopo tsa bahlanka ba hao ba di abetse nonyana tse fofang, ditopo tsa batshepuwa ba hao ba di abetse batana tsa naha. 3 Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi hohle Jerusalema, mme ha ho ya ba epelang. 4 Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng. 5 Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng? 6 Theolela kgalefo ya hao hodima baditjhaba, baditjhaba bana ba sa o tsebeng, le hodima mebuso ena, mebuso e sa rapeleng lebitso la hao; 7 hobane di metsitse leloko la Jakobo, di fetotse leaho la lona lesupi. 8 O se ke wa re balla melato, melato ya bo-ntata rona, o mpe o re kgahlanyetse kapele, o re kgahlanyetse ka lerato la hao, hobane re nyenyefaditswe haholo. 9 Ako re thuse, Modimo, wena mopholosi wa rona, bitso la hao le tle le tlotliswe; ako re namolele, mme o re tshwarele dibe ka baka la lebitso la hao. 10 Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re: “O kae Modimo wa bona?” A re ke re bone ka mahlo a rona ha o phetetsa madi a bahlanka ba hao, madi a tsholotsweng ke baditjhaba. 11 Mefehelo ya batshwaruwa e ke e finyelle ho wena, ka matla a letsoho la hao ako pholose ba ahloletsweng lefu. 12 Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona. 13 Empa rona setjhaba sa hao, mohlape wa makgulo a hao, re tla o boka kamehla, re phetele meloko yohle dithoko tsa hao. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa