Dipesaleme 51 - BIBELEThapelo ya moetsadibe ya bakileng 1 Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida, 2 mohla moporofeta Nathane a tlileng ho yena, hoba Davida a etse bohlola le Batesheba. 3 Oho, Modimo, ako nkgauhele ka mohau wa hao, ho ya ka boholo ba lerato la hao ako hlakole melato ya ka. 4 Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka; 5 hobane ke tseba melato ya ka, ke hopola sebe sa ka kamehla. 6 Ke sitetswe wena, wena o inotshi, ke entse bobe mahlong a hao. Ho loka ha hao ho tla bonahala ha o ahlola, le ho hloka kodi ha hao ha o diha nyewe. 7 Ruri ke bile ya sa lokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme. 8 Athe wena o thabela botshepehi, botshepehi moyeng wa motho, o nthuta bohlale botebong ba pelo ya ka. 9 Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa. 10 Etsa hore ke utlwe mehoo ya thabo, ke utlwe le mehoo ya nyakallo, ditho tsa ka di tle di hlasimolohe, ditho tseo o di robileng. 11 Nteballe dibe tsa ka, o hlakole melato ya ka kaofela. 12 Oho, Modimo, ako bope ka ho nna, o bope pelo e hlwekileng, o kenye moya o motjha, o tiileng, o o kenye ka sefubeng sa ka. 13 O se ke wa ntelekela hole le wena, wa nkamoha Moya wa hao, Moya o Halalelang. 14 Ako mpuseletse nyakallo, nyakallo ya ho pholoswa ke wena, o mmatlafatse ka moya wa boitelo. 15 Ba etsang diphoso ke tla ba ruta, ke ba rute ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena. 16 Modimo, Modimo ya mpholosang, ako ntopolle kahlolong ya lefu, leme la ka le tumise ho loka ha hao. 17 Oho, Morena, ako rarolle leleme la ka, molomo wa ka o phatlalatse thoriso ya hao. 18 Ha o kgahlwe ke mahlabelo; leha nka o nyehella ka setjheso, o ke ke wa se amohela. 19 Sehlabelo se ratwang ke Modimo: ke moya o swabileng; ke pelo e swabileng, e hlomohileng; oho, Modimo, o ke ke wa e kgesa. 20 Haeba o ka kgahlwa, ako etsetse Sione molemo, o tsose marako a Jerusalema. 21 Ke moo o tla kgahliswa ke mahlabelo a lokelang, ditjheso le dinyehelo tse tjheswang; mme ho tla nyehelwa ka dipohwana, ho nyehelwe ka tsona aletareng ya hao. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa