Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 44 - BIBELE


Kodi-ya-malla ya tjhaba se hlotsweng

1 Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona, bo-ntata rona ba re phetetse tsohle tseo o di entseng mehleng ya bona, wa di etsa ka tsoho la hao, wa di etsa mehleng eo ya kgale.

3 O ile wa leleka ditjhaba, hore o tle o ba bee naheng ya tsona; wa etsa merabe hampe, hore ba tle ba namele hohle.

4 Hase ka sabole ba hapileng naha eo, leha e le ho hlola ka matsoho a bona; empa e bile ka tsoho la hao le letona, le ka sefea sa hao, le ka ho ba phuthollela fahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.

5 Ke wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ya sitsang Jakobo ka tlholo.

6 Ke ka wena re dihang ba re lwantshang; ka lebitso la hao re a hatakela re hatakela ba re tsohelang matla.

7 Ha ke a tshepa seqha sa ka, le ho hlola ka sabole ya ka.

8 Empa ke wena ya re pholosang, ya re pholosang ho ba re lwantshang; ba re hloileng ba hlabisa dihlong.

9 Re rorisa Modimo kamehla, ha re kgaotse ho boka lebitso la hao.

10 Empa jwale o re lahlile, wa etsa hore re tlontlolohe; ha o sa tswa le mabotho a rona.

11 O entse hore ba re lwantshang ba re tjhetjhise; ba re hloileng ba ikgapetse tsa rona, ba ikgapela tsona ka ho rata.

12 O re tloheletse ho ba dinku tse hlajwang, wa re qhalanya hara ditjhaba.

13 O rekisitse setjhaba sa hao o sa fumane letho, ha o a rua letho ka theko ya sona.

14 O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng.

15 O re entse pale hara ditjhaba, merabe e re sisinyetsa dihlooho.

16 Ke hopola ho tlontloloha ha ka kamehla, sefahleho sa ka se aparetswe ke dihlong,

17 ka baka la mantswe a ya hlapaolang, mantswe a ya nyefolang, ka baka la sera le moiphetetsi.

18 Tsena tsohle di re wetse hodimo tsa re wela re sa ka ra o lebala, re sa ka ra roba selekane sa hao.

19 Pelong tsa rona ha re a o kwenehela, maoto a rona ha a a fapoha tsela ya hao;

20 empa wena o re robokeletse, wa re robokella moo ho phelang diphokojwe, wa re kwahela ka lefifi, fifi le letsholetsho.

21 Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele,

22 na Modimo a ka be a sa sibolla hoo, yena ya tsebang diphiri tse ka dipelong?

23 Ke ka baka la hao re bolawang kamehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.

24 Tsoha, Morena, o robaletseng? Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri!

25 O patetseng sefahleho sa hao? O lebaletseng ho hlopheha ha rona le ho hatellwa ha rona?

26 Meya ya rona e kudupana leroleng, re hahaba fatshe ka dimpa.

27 Tsoha, o re thusetse! Re lopolle ka baka la mohau wa hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ