Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 40 - BIBELE


Teboho ya motho ya thusitsweng ke Modimo

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka.

3 A nnyolla mokoting wa timelo, tebetebeng ya seretse, a nkemisa hodima lefika, a tiisa mehato ya ka.

4 A etsa hore ke bine sefela se setjha, se rorisang Modimo wa rona. Ba bangata ha ba bona hona, ba tla tshaba Morena, ba mo tshepe.

5 Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano.

6 Morena Modimo wa ka, o re etseditse tse kgolo, e leng mesebetsi ya hao e makatsang, le merero ya hao e makatsang; ha ho ya ka lekanngwang le wena. Ha nka rata ho e bolela le ho e phatlalatsa, e mengata hoo e ke keng ya balwa.

7 Ha o kgahlwe ke sehlabelo kapa nyehelo, o thibolotse tsebe tsa ka. Ha o batle setjheso kapa sehlabelo e leng tse etswang ka baka la dibe.

8 Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:

9 Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka. Molao wa hao o ka pelong ya ka.”

10 Ke boletse tsa ho loka ha hao, ka di bolela phuthehong e kgolo; wena Morena, o a tseba, ha ke a ka ka kgutsa.

11 Ha ke a ka ka pata ho loka ha hao, ka ho pata pelong ya ka, ke boletse botshepehi ba hao, ka bolela le yona thuso ya hao; ha ke a ka ka pata, ka patela phutheho e kgolo, ka e patela mohau le nnete ya hao.

12 Morena, o se ke wa ntima lerato la hao, mohau wa hao le nnete ya hao di nne di mpoloke ka mehla yohle.

13 Ke aparetswe ke ditlokotsi, tlokotsi tse ke keng tsa balwa, melato ya ka e ntshwere, e ntshwere hoo ke sitwang le ho sheba, e mengata ho feta qoba tsa moriri wa ka, pelo ya ka e nyahame.

14 Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena; Morena, phakisa o nthuse.

15 Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane kaofela. Ba ntakaletsang bobe ba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe.

16 Ba ke ba swabe haholo ka baka la ho tlontloloha ha bona, bana ba reng ka nna: “Aha! Aha!”

17 Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena, ba nne ba re: “Morena o moholo!”

18 Ha e le nna ke mohlophehi le mofutsana, empa Morena o a nkgopola. Ke wena mothusi le molopolli wa ka; Modimo wa ka, se diehe.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ