Dipesaleme 35 - BIBELEThapelo ya ho ikopela thuso 1 Pesalema ya Davida. Morena, ako lwantshe ba ntwantshang, o futuhele ba mphutuhelang. 2 Tshwara thebe le thejana, o eme, o nthusetse. 3 Nka lerumo le kwakwa, o thibe ba ntlhorisang. Ere ho nna: “Ke nna pholoho ya hao.” 4 Bao ba batlang bophelo ba ka, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tlontlolohe; bao ba ntherelang bobe, ba ke ba tjhetjhe, ba ferekane. 5 Ba ke ba tshwane le mmoko, mmoko o fefolwang ke moya, ha lengeloi la Morena le ba kgarametsa. 6 Tsela ya bona e ke e fifale, e thelle, ha lengeloi la Morena le ba lelekisa. 7 Ba ntjhehile ka leraba ntle ho lebaka, ba ntjheketse lemena ntle ho lebaka. 8 Tlokotsi e ke e ba wele hodimo, e ba wele ka tsometso; ba ke ba tshwaswe ke leraba leo ba le tjhehileng, ba wele lemeneng leo ba le tjhekileng. 9 Jwale nna ke tla thabela Morena, ke nyakallele ho pholoswa ke yena. 10 Masapo a ka wohle a tla re: “Morena, ke mang ya kang wena, wena molopolli wa mohlophehi ho ya mo fetang ka matla, le wa mohlophehi le mofutsana, ho ya mo tlatlapang?” 11 Dipaki tse kgopo di eme lepaketla, di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng. 12 Batho ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, moya wa ka o qetwa ke bodutu. 13 Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse, 14 jwalokaha eka ke rapella motswalle, kapa ke rapella ngwaneso. Ka tsamaya ke iname, ke hlomohile, jwaloka ya llelang mmae. 15 Ha ke ewa, ba a thaba, ba a mpokanela; ba mpokanele ka mokgwa wa tsometso, ba nkotle ba sa kgaotse. 16 Baphoqi ha ba phetse ho ntshoma, ba ntsikitlanyetsa meno. 17 Morena, o tla shebella hoo ho fihlela neng? Pholosa bophelo ba ka bataneng tse purumang; ke bona feela, bo pholose taung tsena. 18 Ke tla o boka phuthehong e kgolo, e o rorise hara letshwelehadi. 19 Ba itshemmeng bora ho nna ba se ithabise ka nna, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se nnyemotse; 20 hobane ha ba bue tsa kgotso, empa batho ba kgotso, ba fatshe lena, ba ba lohela mano. 21 Ba nkahlamiseditse melomo, ba re: “Aha! Aha! Re o bone!” 22 Ke wena Morena, ya boneng; se kgutse! Morena, o se ke wa ba hole le nna. 23 Phaphama, tsoha, o nkahlolele, lokisa nyewe ya ka, Modimo wa ka, Morena wa ka. 24 Nkahlolele ho ya ka toka ya hao, Morena Modimo wa ka, batho bao ba tle ba se ke ba ithabisa ka nna. 25 Ka dipelong tsa bona ba se re: “Aha! Re mo fumane!” Hape ba se re: “Re mo metsitse!” 26 Bao ba thabelang bobe ho nna ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane mmoho; bao ba iphahamisetsang nna ba ke ba aparelwe ke dihlong, ba tlontlolohe. 27 Ba kgahlwang ke ho loka ha ka ba ke ba thabe, ba etse ditlatse; kamehla ba re: “Morena o moholo, yena ya kgahlwang ke kgotso, kgotso ya mohlanka wa hae!” 28 Leleme la ka le tla bolela ho loka ha hao, le o rorise ka matsatsi wohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa