Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 34 - BIBELE


Lehlohonolo la ya lokileng le bomadimabe ba ya kgopo

1 Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela.

2 Ke tla boka Morena ka nako tsohle, ke nne ke mo rorise kamehla.

3 Ke ithorisa ka Morena, ba eisehang ba ke ba utlwe, mme ba thabe.

4 A re tlotliseng Morena re le mmoho, a re phafeng lebitso la hae, re le phafe hammoho.

5 Ke ile ka batla Morena, mme a nkaraba, a ntopolla matswalong wohle a ka.

6 Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.

7 Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.

8 Lengeloi la Morena le sireletsa kamahohle ba mo tshabang, mme le a ba namolela.

9 Latswang, le utlwe molemo wa Morena! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena.

10 Tshabang Morena, lona bahalaledi ba hae, hobane ba mo tshabang ha ba hloke letho.

11 Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.

12 Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena.

13 Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo?

14 Tshwara leleme la hao le se bue tse mpe, le molomo wa hao o se bue leshano.

15 Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle.

16 Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe.

17 Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.

18 Ha ba lokileng ba lla, Morena o a ba utlwa; o ba lopolla matshwenyehong wohle a bona.

19 Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.

20 Mahlomola a ya lokileng a mangata, empa Morena o mo lopolla ho wona wohle.

21 O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha.

22 Bobe bo tla timetsa ya kgopo, ba hloileng ya lokileng ba tla ahlolwa.

23 Morena o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; ho ba tshabelang ho yena, ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ