Dipesaleme 33 - BIBELEThoko ya Morena, mmaballi wa tsohle 1 Etsetsang Morena ditlatse, lona ba lokileng, ho mo rorisa ho tshwanela ba pelo di ntle. 2 Bokang Morena ka harepa, mo rokeng ka seletsa se kgwele di leshome. 3 Mmineleng sefela se setjha, letsang ka bokgabane, le etse mehoo ya thabo. 4 Efela lentswe la Morena le lokile, mesebetsi yohle ya hae ke ya nnete. 5 O rata ho loka le toka; lefatshe lohle le tletse mohau wa Morena. 6 Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae. 7 Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae. 8 Lefatshe lohle le ke le tshabe Morena, baahi bohle ba lona ba mo hlomphe. 9 O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha. 10 Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe. 11 Merero ya Morena e tiile kamehla, mehopolo ya pelo ya hae ke ya kamehla. 12 Ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona, morabe oo a ikgethetseng wona, a ikgethela wona ho ba leruo la hae. 13 Morena o tadima a le mahodimong, a bone bana bohle ba batho; 14 a le leahong la hae o sheba baahi bohle ba lefatshe. 15 Ke yena ya bopileng pelo tsa bona, ya tsebang mesebetsi yohle ya bona. 16 Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae. 17 Ke lefeela ho tshepa ho pholoswa ke pere ya ntwa, e ke ke ya pholosa motho ka matlahadi a yona. 18 Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae, 19 e le hore a tle a ba lopolle lefung, le ho ba phedisa nakong ya tlala. 20 Meya ya rona e lebeletse Morena, e leng yena thuso le thebe ya rona. 21 Pelo tsa rona di a mo thabela, re tshepile lebitso la hae le halalelang. 22 Morena, mohau wa hao o ke o be le rona, hobane re tshepile wena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa