Dipesaleme 32 - BIBELELehlohonolo la ya tshwaretsweng dibe 1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Ho lehlohonolo ya tshwaretsweng tlolo ya hae, eo sebe sa hae se hlakotsweng. 2 Ho lehlohonolo motho eo Morena a sa mmalleng molato, eo moya wa hae o se nang thetso. 3 Ha ke ne ke sa kgutsitse, ke ne ke opelwa ke masapo ke ho dumaela letsatsi lohle. 4 Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula. 5 Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka. 6 Ka baka leo, bohle ba tshepahalang ba tla o rapela ka nako ya tsietsi. Leha merallo ya metsi e ka aparela hohle, e ke ke ya fihla ho bona. 7 O setshabelo sa ka, o tla mphemisa matshwenyeho; o nteela hare, o a ntopolla. 8 Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo. 9 O se ke wa tshwana le pere kapa mmeile, tsona di hlokang kelello, di thapiswang ka tomo le marapo; ho seng jwalo o ke ke wa di laola. 10 Mahlomola a ya kgopo a mangata, athe ya tshepileng Morena o teetswe hare ke mohau wa hae. 11 Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa