Dipesaleme 26 - BIBELEThapelo ya ya se nang molato 1 Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele. 2 Ntlhahlobe, Morena, o nonye maikutlo a ka, hlahlobisisa moya wa ka le pelo ya ka. 3 Ke hopola mohau wa hao kamehla, ke phela ho ya ka nnete ya hao. 4 Ha ke ahisane le batho ba leshano, ha ke kopane le baikaketsi. 5 Ke hloile mokgatlo wa ba etsang bobe, nke ke ka ahisana le ba kgopo. 6 Ke hlapa matsoho ho bontsha hore ha ke na molato, ke potapota aletare ya hao Morena, 7 ke ntse ke bina sefela sa teboho, mme ke bolela dimakatso tsa hao. 8 Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona. 9 O se ke wa ntimetsa mmoho le baetsadibe, wa fedisa bophelo ba ka mmoho le ba bona, bona ba ratang ho tsholla madi, 10 bao matsoho a bona a etsang tsa bolotsana, bao diatla tsa bona di amohelang tjotjo. 11 Ha e le nna, metsamao ya ka ha e na kodi; ako ntopolle, o nkgauhele. 12 Maoto a ka a eme motsitseng; Morena, ke tla o boka diphuthehong. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa