Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 23 - BIBELE


Modisa ya molemo

1 Pesalema ya Davida. Morena ke modisa wa ka, ha ke hloke letho.

2 o nkatla makgulong a matala, o nkisa pela metsi moo ke tla phomola teng.

3 Ke mmusapelo: O ntsamaisa tseleng tsa ho loka, ka baka la lebitso la hae.

4 Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.

5 O ntokisetsa dijo mahlong a dira tsa ka; o nkamohela ka ho ntlotsa hlooho ka ole, le ka ho tlatsa mohope wa ka haholo.

6 Ruri lehlohonolo le mohau di tla ba le nna, ka matsatsi wohle a bophelo ba ka; mme ke tla phela ka tlung ya Morena, ke phele kateng kamehla yohle.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ