Dipesaleme 2 - BIBELEMotlotsuwa wa Modimo 1 Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela? 2 Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re: 3 “A re itokolleng ditlamong tsa bona, re lahleng joko ya bona.” 4 Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma. 5 Jwale o bua le bona ka kgalefo, ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re: 6 “Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.” 7 Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse. 8 Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao. 9 O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa.’ ” 10 Jwale he, halefang, lona dikgosi; eletsehang, lona babusi ba lefatshe. 11 Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo. 12 Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa