Dipesaleme 146 - BIBELELehlohonolo la ya tshepang Morena 1 Haleluja! Boka Morena, wena moya wa ka! 2 Ke tla rorisa Morena ha ke ntse ke phela; ke tla roka Modimo wa ka bophelong ba ka bohle. 3 Le se ke la tshepa mahosana, leha e le motho ya se nang matla, matla a ho pholosa. 4 Hoba a neele moya, motho o kgutlela mobung; ka lona tsatsi leo merero ya hae e a fela. 5 Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae; eo Morena Modimo wa hae, e leng tshepo ya hae. 6 Ke yena ya entseng mahodimo le lefatshe, lewatle le tsohle tse ho lona. O tshepahala kamehla, 7 o ahlolela ba hateletsweng, o fepa ba lapileng; Morena o lokolla batlamuwa, 8 Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng. 9 Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa. 10 Morena o busa kamehla yohle; Modimo wa hao, Sione, ke wa meloko yohle. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa