Dipesaleme 144 - BIBELEModimo ke mohlodi wa tlholo le katleho 1 Pesalema ya Davida. Ho bokwe Morena, lefika la ka, yena ya nthutang ho lwana, yena ya nkwetlisetsang ntwa. 2 Ke setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, seqhobo sa ka le monamoledi wa ka; ke thebe ya ka, eo ke itshireletsang ka yona, ke yena ya beang ditjhaba katlasa puso ya ka. 3 Morena, ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo nkelang hloohong? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang? 4 Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang. 5 Morena, phetla mahodimo a hao, o theohe, o ame dithaba di tle di foqohe mosi. 6 Betsa mahadima, dira di tle di qhalane, o fule ka metsu ya hao, di tle di phasaphase. 7 Nnanabele o le hodimo, o mpholose, o nkinole metsing a lewatle, le matsohong a baditjhaba; 8 ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata. 9 Modimo, ke tla o binela, ke o binele sefela se setjha, ke o roke ka harepa e kgwele di leshome, 10 wena ya neang dikgosi tlholo, wena ya pholosang Davida, mohlanka wa hao. 11 Mpholose saboleng e sehloho, namolele matsohong a baditjhaba ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata. 12 Bara ba rona, botjheng ba bona, ba ke ba be jwaloka ditlama, tlama tse holang hantle; baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya, tshiya tsa dihuku tse betletsweng ntlo ya bokgosi. 13 Mediko ya rona e ke e tlale, e tsholohe dijo tsa mefutafuta. Manku a rona a ke a ate ka dikete, e be diketekete makgulong a rona; 14 makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse. 15 Ho lehlohonolo setjhaba se tlelwang ke tse jwalo, ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa