Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 143 - BIBELE


Thapelo ya ya hloriswang

1 Pesalema ya Davida. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe; o nkarabe ka baka la botshepehi ba hao, le ka baka la ho loka ha hao.

2 O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.

3 Sera se a ntelekisa, se nkgatakella fatshe, se mphedisa lefifing jwaloka ba shweleng kgalekgale.

4 Moya wa ka o imetswe, pelo ya ka e thethefetse, e thethefetse ka sefubeng sa ka.

5 Ke hopola ditshiu tsa boholoholo, ke lohotha diketso tsa hao tsohle, ke nahana mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a hao.

6 Ke phahamisa matsoho a ka, ke a phahamisetsa ho wena, moya wa ka o o nyoretswe jwaloka lefatshe le omeletseng.

7 Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.

8 Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.

9 Morena, ako nnamolele, o nnamolele direng tsa ka, hobane ke tshabetse ho wena.

10 Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng.

11 Morena, o tla nnea bophelo ka baka la lebitso la hao, o ntopolle matshwenyehong ka baka la ho loka ha hao.

12 Ka baka la mohau wa hao ho nna, o tla timetsa dira tsa ka, o fedise bohle ba ntwantshang, hobane nna ke mohlanka wa hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ