Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 142 - BIBELE


Thapelo ya motshwaruwa

1 Pesalema ya Davida ha a le ka lehaheng. Thothokiso e nang le thuto; thapelo.

2 Ke lla ho Morena ka lentswe le phahameng, ke etsa thapedi ho Morena ka lentswe le phahameng.

3 Ke hlahisa sello sa ka, ke se hlahisa kapele ho yena, ke bea tsietsi ya ka kapele ho yena.

4 Ha moya wa ka o imetswe, wena o tseba tsela ya ka. Tseleng eo ke tsamayang ho yona ba ntjhehetse sefi.

5 Ke tadima ka tsohong la ka le letona: Ha ho ya ntsotellang; ha ho moo nka tshabelang teng, ha ho motho ya nnatsang.

6 Morena, ke lla ho wena, ke re: “Ke wena setshabelo sa ka, o kabelo ya ka lefatsheng la ba phelang.”

7 Ako mamele sello sa ka, hobane ke kokobeditswe haholo. Nnamolele ho ba ntlhorisang, hobane ba mpheta ka matla.

8 Ako nntshe tjhankaneng, ke tle ke boke lebitso la hao. Ba lokileng ba tla mpokanela, hoba o tla be o ntswetse molemo.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ