Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 14 - BIBELE


Bokgopo ba batho
(Sheba Pes. 53 )

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.

2 Morena, a le mahodimong, o tadima bana ba batho, ho bona hore na ho teng ya utlwisisang, ya batlang Modimo.

3 Bohle ba kgelohile, ba senyehile kaofela; ha ho ya etsang tse ntle, ha ho le ya mong.

4 Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang, baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Morena?

5 Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe, hobane Modimo o ka thekong, ya moloko o lokileng.

6 Lona le ka soma merero ya ya hlophehileng, empa Morena ke setshabelo sa hae.

7 E se eka pholoho ya Iseraele e ka tswa Sione! Mohla Morena a kgutlisang setjhaba sa hae, a se kgutlisa bothopuweng, Jakobo o tla nyakalla, Iseraele le yena a thabe.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ