Dipesaleme 130 - BIBELEThapelo e kopang kgauhelo 1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho wena Morena, ke le tlasetlase. 2 Morena, ako utlwe lentswe la ka! Tsebe tsa hao di ke di mamele ha ke etsa thapedi ya ka. 3 Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang? 4 Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe. 5 Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae. 6 Moya wa ka o lebeletse Morena, ho feta balebedi ba lebeletseng meso, e, ho feta balebedi ba lebeletseng meso. 7 Iseraele a ke a lebelle Morena, hobane Morena o mohau, o na le topollo e kgolo. 8 Ke yena ya tla lopolla Iseraele bokgopong bohle ba hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa