Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 124 - BIBELE


Ho leboha thuso ya Morena

1 Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo,

2 hoja Morena a se ke a ba le rona, ha batho ba ne ba re tsohela matla,

3 ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;

4 dikgohola di ka be di re hohotse, diphororo di ka be di re pupeditse;

5 metsi a befileng a ka be a re pupeditse.

6 Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je.

7 Re phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la batshwasi; leraba la kgaoha, mme ra phonyoha.

8 Thuso ya rona e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ