Dipesaleme 12 - BIBELEThapelo ya ho ikopela thuso 1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi. 2 Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho. 3 Batho ba bolellana mashano, maleme a bona a monate, empa ke bo-temepedi. 4 Morena a ke a fedise bohle, bohle ba maleme a monate, le bohle ba melomo e ikakasang, 5 e leng batho ba reng: “Re tla hlola ka maleme a rona; re tseba ho ipuella, ke mang ya ka re busang?” 6 Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.” 7 Dipolelo tsa Morena ke dipolelo tse hlwekileng, di ka silefera e qhibidisitsweng seboping, silefera e hlwekisitsweng hasupa. 8 Ke wena Morena, ya re lebelang, ya re sireletsang kamehla molokong ona, 9 ho ba kgopo ba tletseng hohle, ha bosoro bo totile hara bana ba batho. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa