Dipesaleme 109 - BIBELEMoqosuwa o ipiletsa ho Modimo 1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, wena eo ke o rorisang, o se ke wa kgutsa, 2 hobane ba kgopo le ba leshano ba ahlamisitse melomo ho ntwantsha. Ba bua le nna ka maleme a thetsang, 3 ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo, ba mphutuhela ntle ho lebaka. 4 Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella. 5 Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, le lehloyo bakeng sa lerato. 6 Ako bee ya kgopo ho ahlola motho eo, moqosi wa hae a nne a eme ka hlakoreng la hae le letona. 7 Ha a ahlolwa a ke a fumanwe a le molato, thapedi ya hae e nkuwe e le sebe. 8 Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale, e mong a ke a nke mosebetsi wa hae. 9 Bana ba hae e ke be dikgutsana, le mosadi wa hae e be mohlolohadi. 10 Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona. 11 Moadimani a ke a mo amohe sohle seo a nang le sona; batho basele ba ikgapele tholwana tsa mofufutso wa hae. 12 Ho se be motho ya mo hauhelang, kapa ya thusang dikgutsana tsa hae. 13 Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, mabitso a tsona a hlakolwe melokong e hlahlamang. 14 Molato wa bo-ntatae o nne o hopolwe ke Morena, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa; 15 Morena a nne a di hopole kamehla, a ba hlakole lefatsheng, hore ba se hlole ba hopolwa. 16 Motho eo ha a a ka a hopola, a hopola ho ba mohau, empa a hlorisa mohlophehi, a hlorisa le mofutsana, a tle a bolaye ya tepeletseng pelo. 17 A rata ho rohakana: Thohako e ke be hodima hae! Ha a ka a thabela tlhohonolofatso: E ke be hole le yena! 18 A apara thohako jwaloka kobo: E ke e monyele mmeleng wa hae, e monyele jwaloka metsi, le masapong a hae jwaloka ole. 19 E ke be jwaloka seaparo seo a ipopileng ka sona, e be jwaloka leqhama leo a itlamileng ka lona kamehla. 20 Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe. 21 Empa wena Morena, Morena ka, ako nthusetse ka baka la lebitso la hao, o nnamolele ka baka la mohau wa hao o molemo. 22 Ke mohlophehi, ke mofutsana, pelo ya ka e thulame ka sefubeng sa ka. 23 Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie. 24 Mangwele a ka a tsherema, a tsherema ke ho itima dijo, mmele wa ka o otile ke ho hloka mafura. 25 Ke fetohile sekgobo ho baqosi ba ka, ha ba mpona ba ntshisinyetsa dihlooho. 26 Ako nthuse, Morena, Modimo wa ka, o mpholose ka mohau wa hao, 27 ba tle ba tsebe hore hona ho entswe ke wena, ke mosebetsi wa matsoho a hao, matsoho a hao wena Morena. 28 Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe. 29 Baqosi ba ka ba aparelwe ke dihlong, tlontlollo e be jwaloka seaparo seo ba ipopileng ka sona. 30 Ke tla boka Morena ka lentswe le phefa, ke mo rorise ke le hara matshwele; 31 hobane o eme ka hlakoreng le letona hlakoreng le letona la mofutsana, hore a tle a mo pholose ho ba mo ahlolang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa