Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 104 - BIBELE


Ho boka Modimo, Mmopi wa tsohle

1 Boka Morena, wena moya wa ka. Morena Modimo wa ka, o moholo hakaakang! O apere tlotla le botlotlehi,

2 o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente,

3 o hahile ntlo ya bokgosi ba hao kahodimo ho maru. Maru o a entse kariki ya hao, o fofa ka mapheo a moya.

4 Meya o e entse baromuwa ba hao, mollo wa lehadima mosebeletsi wa hao.

5 O tiisitse lefatshe hodima metheo ya lona, le ke ke la sisinyeha ho isa kgale.

6 O le apesitse ka lewatle jwalokaha eka ke ka kobo, metsi a ne a kwahetse dithaba.

7 Yare ha o kgaruma, metsi a baleha; ha letolo la hao le thwathwaretsa, a tutumolotseha;

8 a theohela dikgohlong, dithaba tsa hlaha, a ya moo o a lokiseditseng teng.

9 Wa a sehela moedi oo a ke keng a o tlola, hore a se hlole a kwahela lefatshe hape.

10 Wa phallisetsa didiba dinokaneng tse tswedipanang hara dithaba;

11 metsi a tsona a nowa ke phoofolo tsa naha, tonki tsa naha di itlosa lenyora teng.

12 Nonyana tse fofang di hahetse pela tsona, di letsa melodi di le makaleng a difate.

13 O nesetsa dithaba pula o le tlung ya bokgosi ba hao, lefatshe le kgotshe ditholwana, tholwana tsa mesebetsi ya hao.

14 O medisetsa diphoofolo jwang, o di medisetsa le dimela hore di sebediswe ke motho, a tle a fumane dijo tsa hae mobung,

15 le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae.

16 Difate tsa Morena di nwesetswa ke pula, dikedare tsa Lebanone tse lemilweng ke yena.

17 Dinonyana di etsa dihlaha ho tsona, mekotatsie e phela hodima difate.

18 Thabeng tse telele ho phela podi tsa naha, diqhobo ke setshabelo sa dipela.

19 O entse kgwedi ho tshwaya dinako tsa selemo, letsatsi le tseba nako ya lona nako ya ho dikela.

20 O tlisa lefifi, ebe e ba bosiu, dibatana tsa meru ebe di a solla;

21 ditawana di purumele diphofu tsa tsona, di batle dijo tsa tsona ho Modimo.

22 Ha tsatsi le tjhaba di a oroha, ebe di botha dilaong tsa tsona.

23 Motho yena o ikela mosebetsing wa hae, a yo sebetsa ho fihlela mantsiboya.

24 Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!

25 Ke leo lewatle, le leholo, le batsi; ka ho lona ho nyeunya dibopuwa, dibopuwa tse se nang palo, dibopuwa tse kgolo le tse nyenyane.

26 Teng dikepe di sesa kahohle, le leruarua leo o le bopetseng ho bapalla ka ho lona.

27 Tsohle di lebeletse wena, hore o di fe dijo ka nako e lokelang.

28 Ha o di fa dijo, di a di bokella; ha o fuparolla seatla, di kgora tse molemo.

29 Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng.

30 Ha o romela moya wa hao, di a hloleha, mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.

31 Tlotla ya Morena e nne e be teng, e be teng kamehla yohle, Morena a ke a thabele mesebetsi ya hae;

32 yena eo ereng ha a tadima lefatshe, lefatshe le thothomele, ha a ama dithaba di foqohe mosi.

33 Ke tla binela Morena ha ke ntse ke phela, ke roke Modimo bophelong ba ka bohle.

34 Menahano ya ka e ke e mo kgahle; nna ke thabela Morena.

35 Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng, ba kgopo ba se hlole ba eba teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Haleluja!

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ