Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Dipesaleme 101 - BIBELE


Kgosi e buse ka toka

1 Pesalema ya Davida. Ke tla o binela tsa mohau le tsa toka, ke o roke, wena Morena.

2 Ke tla tsamaya ka hloko tseleng e lokileng; ekaba o tla tla neng ho nna? Ka tlung ya ka ke tla phela ka pelo e hlwekileng,

3 nke ke ka dumella mahlo a ka ho sheba letho le kgopo. Ke hloile diketso tsa ba kgelohileng, di ke ke tsa nkgomarela.

4 Nke ke ka ba le bokgopo, ka le bona ka pelong ya ka, ha ke rate ho tseba letho le lebe.

5 Ya etseletsang wa habo sephiring ke tla mo timetsa, nke ke ka mamella moikgantshi le moikgohomosi.

6 Mahlo a ka a shebile ba tshepahalang, ba tshepahalang, ba lefatshe lena, ba tle ba ahisane le nna; ya tsamayang ka tsela e lokileng ke yena ya tla ntshebeletsa.

7 Ya sebetsang bolotsana a ke ke a phela tlung ya ka; ya bolelang leshano a ke ke a ema kapele ho nna.

8 Hoseng ho hong le ho hong ke tla timetsa bohle ba kgopo, ba kgopo ba lefatshe lena, ke fedise bohle ba etsang tse mpe, ba di etsang motseng wa Morena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ