Dipesaleme 100 - BIBELETeboho ho Modimo 1 Pesalema ya teboho. Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, 2 sebeletsang Morena ka thabo, tloong kapele ho yena ka ditlatse. 3 Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae. 4 Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae. 5 Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle, botshepehi ba hae ke bo isang melokong yohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa