Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Deuteronoma 32 - BIBELE


Sefela sa Moshe

1 “Sekehang tsebe, lona mahodimo, mme ke tla bua; lefatshe le ke le utlwe polelo tsa molomo wa ka.

2 Thuto tsa ka di tla rotha jwaloka pula, polelo tsa ka di monyele jwaloka phoka, jwaloka lefafatsane hodima jwang bo botalana, le jwaloka modupe hodima dijalo.

3 “Ke tla phatlalatsa lebitso la Morena; lona le thoholetse boholo ba Modimo wa rona.

4 “Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.

5 “Ba itshilafaditse, ha e sa le bana ba hae, ba dikodi, ke moloko o kgelohang, o kgopo.

6 Le buseletsa Morena ka mokgwa o tjee, lona tjhaba sa dithoto, tjhaba sa ditseketseke? Na hase yena Ntata lona le Mmopi wa lona? O le bopile, a le etsa setjhaba.

7 “Hopolang mehla ya kgalekgale, nahanang mengwaha ya meloko ya pele, botsang bo-ntata lona, mme ba tla le jwetsa, baholo ba lona ba tla le bolella.

8 Ha Radiphahama a aba, a abela matjhaba dinaha, a arola bana ka merabe ya bona, a na a sehela ditjhaba meedi, ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.

9 Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae, Jakobo ke karolo ya lefa la hae.

10 “A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.

11 Jwaloka ntsu e phaphamisa madinyane a yona, e a okaokela, e thathalatsa mapheo, e hloibile madinyane a yona, e a jara ka mapheo a yona,

12 Morena a mo tataisa a le inotshi, a sa thuswe ke medimo e meng.

13 “A mo etsa mmusi wa phahama tsa lefatshe, a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha; a mo momontsha mahe a dinotshi a etswa lefikeng, a mo fa ole e etswa fikeng la moralla;

14 sereledi ya eba sa serema sa kgomo, lebese ya eba le mafura la dinku, mafura ya eba a dikonyana, dipheleu le dipodi ya eba tsa Bashane, koro ya eba e lefi le thata, a nwa lero la morara le lefubedu.

15 “Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse.

16 Ba mo phephetsa ka medimo e meng, ba mo halefisa ka manyala a medingwana.

17 Ba etsa mahlabelo, ba a etsetsa bademona, e seng Modimo, ba hlabela medimo eo ba sa kang ba e tseba, ba hlabela medimo e metjha, medimo eo bo-ntata bona ba sa kang ba e tshaba.

18 Ha le a tsotella Fika le le emotse, le lebetse Modimo, Mmopi wa lona.

19 “Morena a bona hona, mme a ba nyonya, a lahla bara le baradi ba hae.

20 ‘Ke tla ba patela fahleho sa ka,’ ha rialo Morena, ‘ke bone na ba tla fella kae; ke moloko o kgelohileng, wa bana ba hlokang botshepehi.

21 Ba mphepheditse ka hoo e seng Modimo, ba nkgalefisa ka medimo ya mafeela; ke tla ba phephetsa ka bao e seng setjhaba, ke ba halefise ka tjhaba se hloka kelello.

22 Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.

23 “ ‘Ke tla ba dihela bomadimabe hodimo, metsu ya seqha sa ka e felle hodima bona.

24 Sekoboto, feberu le sewa di tla ba qeta, ke romele dibatana di ba harole, le mahloko a dihahabi tsa lefatshe.

25 Sabole e tla ja bana mabaleng, e timetse ngwana le moshanyana, lesea le leqheku ka ho tshwana, ka matlung teng ho buse tshabo.

26 Ke ne ke itse ke tla ba hasanya, bitso la bona le fediswe hara batho,

27 hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle.’

28 “Ke tjhaba se hlokang kelello, kutlwisiso ha e yo ho sona.

29 Ha se ne se le bohlale, se utlwisisa, se ne se tla lemoha pheletso ya sona.

30 Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?

31 ‘Fika’ la bona ha e ke Fika la rona, le dira tsa rona di ka re pakela.

32 Ke makala a morara wa Sodoma, a kgethutswe masimong a Gomora; morara wa yona o tletse mahloko, masihla a yona a a baba ha a jewe.

33 Veine ya teng ke tjhefo ya dihahabi, ke mahloko a bohale a bo-marabe.

34 “Na tsee ha di a bolokwa sesiung sa ka, tsa bitiellwa letloleng la ka?

35 Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.

36 “Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.

37 O tla botsa: ‘E kae medimo ela ya bona, “lefika” leo ba tshabetseng ho lona;

38 medimo e jeleng mafura a mahlabelo a lona, e nweleng veine ya dinyehelo tsa lona? Medimo eo a e tsohe e le thusetse, medimo ya lona e le sireletse.

39 “ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.

40 Ke supa hodimo, ke a ikana, nna ya phelang kamehla ke a hlapanya:

41 Ke tla leotsa sabole ya ka ya lebenyane, ke tshware kahlolo ka letsohong la ka, ke iphetetse ho dira tsa ka, ba ntlhoileng ke ba buseletse.

42 Metsu ya ka e tla rotha madi a bona, sabole ya ka e tla kganathela dinama, e tlale madi a babolauwa le bathopuwa, e ebole mahata a ba direng.’

43 “Lona mahodimo thoholetsang le yena; o phetetsa madi a bahlanka ba hae, o buseletsa ba mo hloileng. O tshwarelwa tjhaba sa hae le naha ya sona.”

44 Jwale Moshe, a ena le Joshua mora wa Nune, a tla, a phetela setjhaba mantswe wohle a sefela sena.


Boipiletso ba Moshe ba ho qetela

45 Ha Moshe a qetile ho phetela Baiseraele mantswe ana wohle a sefela sena,

46 a re ho bona: “Bolokang mantswe ana wohle ao ke le boleletseng wona kajeno, le laele bana ba lona ho a hlokomela, le ho phetha dipallo tsa Molao ona.

47 Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.”


Moshe o bontshwa naha ya Kanana

48 Ka lona letsatsi leo Morena a bua ho Moshe, a re:

49 “Nyolohela dithabeng tsena tsa Abarime, o hlwelle hodima thaba ya Nebo, e naheng ya Moabe, e malebana le Jeriko, o tadime naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele hore e be ya bona.

50 O tla shwela hodima thaba eo, eo o tla nyolohela hodima yona, mme o orosetswe setjhabeng sa heno, jwalokaha Arone, moholwane wa hao, a ile a shwela thabeng ya Hore, le yena a orosetswa setjhabeng sa habo.

51 Le ne le ntshitelwe le le hara bana ba Iseraele, ha le le metsing a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine. Le ne le se ke la nkgalaletsa hara setjhaba sa Iseraele.

52 Ka baka leo, naha eo o tla e bonela hole, empa o ke ke wa kena naheng eo, eo ke e neang bana ba Iseraele.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ