Deuteronoma 26 - BIBELEMoetlo wa dilopotsiya 1 “Ha le se le fihlile naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona; le se le ahile ho yona, 2 o tla nka dilopotsiya tsa ditholwana tsohle tse tswang mobung wa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. O di kenye ka serotong, ebe o ya sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha hore a dule ho sona. 3 O tla ya ho eo e leng moprista ka nako eo, o re ho yena: ‘Kajeno ke bolela ho Morena Modimo wa ka, hore ke fihlile naheng eo Morena a neng a hlapanyetse bo-ntata rona hore o tla re nea yona.’ 4 “Moprista o tla nka seroto matsohong a hao, a se bee fatshe kapele ho aletare ya Morena Modimo wa hao. 5 Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: ‘Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata. 6 Baegepeta ba re tshwara hampe, ba re hlorisa, ba re sebedisa ka thata. 7 Yaba re llela Morena Modimo wa bo-ntata rona, mme Morena a utlwa sello sa rona, a bona matshwenyeho a rona, le mosebetsi wa rona o boima, le kgatello ya rona. 8 Morena a re ntsha naheng ya Egepeta ka matla a hae a maholo, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, le ka dipontsho, le ka mehlolo. 9 A re tlisa sebakeng sena, a re nea naha ena, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. 10 Jwale bona, ke tlisitse dilopotsiya tse tswang mobung oo o nneileng wona, Morena.’ O tla di bea fatshe, kapele ho Morena Modimo wa hao, o mo kgumamele. 11 Wena, le ba lelapa la hao, le Molevi, le mojaki ya teng hara lona, le tla ithabisa ka tsena tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa hao, a o neileng tsona. 12 “Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno. 13 O tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: ‘Ke ntshitse dintho tse halalelang ka tlung, ke bile ke di neile Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, ho ya ka molao wohle wa hao, oo o ntaetseng wona. Ha ke a kgeloha melao ya hao, mme ha ke a e lebala. 14 Ha ke a ja letho la tsona ha ke ntse ke le bofifing; kapa ka tlosa letho la tsona ha ke ntse ke le sesila; kapa ka nyehella bafu ka tsona. Ke mametse lentswe la Morena Modimo wa ka. Ke entse tsohle ho ya kamoo o ntaetseng kateng. 15 Tadima tlase, o le leahong la hao le halalelang, le lehodimong, o hlohonolofatse Iseraele, setjhaba sa hao, le mobu oo o re neileng wona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha o ne o hlapanyetse bo-ntata rona.’ ” Setjhaba se halalelang sa Morena 16 “Ka letsatsi lena, Morena Modimo wa hao, o o laela hore o phethe melao ena, le ditaelo tsena. Ka baka leo, o tla di boloka, o di phethe ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle. 17 Kajeno o ikanetse hore Morena e tla ba Modimo wa hao, le hore o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le ditemoso tsa hae, mme o mamele lentswe la hae. 18 Kajeno Morena o le amohetse hore le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha a le tshepisitse; le hore le boloke melao yohle ya hae. 19 Ka thoriso, le ka botumo, le ka hlompho, o tla le phahamisetsa kahodimo ho ditjhaba tsohle tseo a di bopileng, e le hore le tle le be setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa hao, jwalokaha a tshepisitse.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa