Deuteronoma 24 - BIBELEHo hlalwa le ho nyalwa hape 1 “Ha monna a nka mosadi, mme a mo nyala, eba hamorao o utlwa a se a sa mo rate, hobane a fumane ho hong hoo a sa ho rateng ho yena, o tla mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo nee lona letsohong la hae, ebe o mo leleka lapeng ha hae. 2 Mosadi eo o tla tswa lapeng la monna eo, mme a ka nyalwa ke monna e mong. 3 Haeba monna wa bobedi le yena a se a sa mo rate, eba o mo ngolla lengolo la tlhalo, o mo nea lona letsohong la hae, o mo leleka lapeng ha hae; kapa haeba monna wa bobedi ya ileng a mo nyala a eshwa; 4 monna yane wa hae wa pele, ya ileng a mo leleka, ha a tshwanele ho mo nka hape, a mo nyala, hoba mosadi eo o se a silafetse, hobane hoo ke manyala kapele ho Morena. O se ke wa tlisa sebe naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.” Melao ya mefutafuta 5 “Ha monna a qeta ho nyala, a se ke a tswa le bahlabani ha ba futuha; hape a se ke a laelwa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. O tla lokollwa hore a qete selemo a le lapeng la hae, a ithabise le mosadi wa hae, eo a tswa mo nyala. 6 “Ho se be ya ka reng motho a bee lelwala la hae, kapa tshilo ya hae paneng, hobane hoo ke hore motho a bee paneng ntho e mo phedisang. 7 “Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona. 8 “Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo. 9 Hopolang seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Meriama, tseleng, ha le ne le etswa naheng ya Egepeta. 10 “Ha o adima wa heno ntho efe kapa efe, o se ke wa kena ka tlung ya hae, ho ya lata seo a se beileng paneng. 11 O eme kantle, mme motho eo o mo adimileng ho hong a o tlisetse seo a se beang paneng o le kantle. 12 Haeba e le mofutsana, ntho eo a e beang paneng e se ke ya qeta bosiu ho wena. 13 Ruri ha letsatsi le dikela, o e kgutlisetse ho yena, hore a tle a robale ka kobo ya hae, mme a o hlohonolofatse. Ho wena e tla ba o entse toka kapele ho Morena Modimo wa hao. 14 “O se ke wa hatella mohlanka wa hao ya futsanehileng, ya hlokang; e ka ba ngwaneno, kapa e mong wa bajaki ba phelang motseng wa heno. 15 O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe. 16 “Bo-ntata ba ke ke ba bolawa ka baka la bana ba bona; le bana ba ke ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona. Motho e mong le e mong o tla bolaelwa sebe sa hae. 17 “O se ke wa sotha kahlolo ya moditjhaba kapa ya kgutsana, mme o se ke wa nka seaparo sa mohlolahadi hore se bewe paneng. 18 O mpe o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla teng. Ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena. 19 “Ha o hela koro ya hao tshimong ya hao, eba o lebala ngata hara tshimo, o se ke wa kgutlela hape ho ya e lata. E tla ba ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mosebetsing wohle oo o o etsang. 20 “Ha o hlohlora ditholwana tsa sefate sa mohlwaare, o se ke wa boela wa se pheta kgetlo la bobedi. Tse setseng e tla ba tsa mojaki, kapa tsa kgutsana, kapa tsa mohlolohadi. 21 “Ha o ekga morara serapeng sa hao sa morara, o se ke wa boela wa kgwahlapisa. O setseng e tla ba wa mojaki, kapa wa kgutsana, kapa wa mohlolohadi. 22 O nne o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa