Baroma 4 - BIBELEMohlala wa Aborahama 1 Jwale re tla botsa, re re: Na Aborahama, moholoholo wa rona, o iphumanetse eng ka boyena? 2 Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo. 3 Ana Mangolo a reng? A re: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka.” 4 Ha motho a sebeditse, moputso wa hae ha o balwe e le mpho, empa o balwa e le seo a se sebeleditseng. 5 Empa ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang ya kgopo, o ballwa tumelo ya hae e le ho loka. 6 Le yena Davida o bua ka lehlohonolo la motho eo Modimo a mmallang ho loka a sa re letho ka diketso tsa hae, ha a re: 7 “Ho lehlohonolo ba tshwaretsweng ditlolo tsa bona, le bao dibe tsa bona di hlakotsweng; 8 ho lehlohonolo motho eo Morena a sa tlo mmalla sebe.” 9 Ebe lehlohonolo lee ke la ba bolotseng feela, kapa le la maqai? Re re: “Aborahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.” 10 Jwale o ile a e ballwa neng? A se a bolotse kapa e sa le leqai? A eso bolle, e sa le leqai. 11 Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka. 12 Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle. Tshepiso ya Modimo e phethahala ho ya dumelang 13 Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong. 14 Ha majalefa e le majalefa ka baka la Molao, tumelo e fetoha lefeela, mme tshepiso ha e sa na thuso, 15 hobane Molao o tlisa kgalefo ya Modimo; athe moo ho se nang molao, tlolo ya molao ha e yo. 16 Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle, 17 jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng. 18 Leha lebaka la ho tshepa le ne le le siyo, Aborahama o ile a dumela ka tshepo hore e tla ba ntata ditjhaba tse ngata, ho ya ka se boletsweng, ha ho thwe: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.” 19 Ha a a ka a fokola tumelong, ha a nahana hore e se e le mobu, kaha a ne a le dilemo tse ka bang lekgolo, le hore Sara a ke ke a hlola a pepa. 20 Ha a a ka a belaela tshepiso ya Modimo ka ho se dumele, empa a matlafatswa ke tumelo, a tlotlisa Modimo. 21 O ne a kgodisehile ka botlalo hore seo Modimo a mo tshepisitseng sona o na le matla a ho se etsa. 22 Ka baka leo, hona a ho ballwa e le ho loka. 23 Jwale, hore tumelo o e baletswe e le ho loka, ha ho a ngolwa ka baka la Aborahama feela, 24 empa ho ngotswe ka baka la rona, ba seng ba tla e ballwa, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung, 25 ya ileng a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa