3 Johanne 1 - BIBELETumediso 1 Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa Gaiose, motswalle wa ka, eo ke mo ratang kannete. 2 Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya. 3 Ke ile ka itumela haholo ha badumedi ba bang ba etla, mme ba paka kamoo o tsamayang nneteng kateng. 4 Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng. Tshebedisano le kganyetsano 5 Motswalle, seo o se etsetsang badumedi, le hoja e le baditjhaba, o se etsa ka botshepehi. 6 Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo. 7 Ba kene leetong lena ka baka la lebitso la Kreste, ba sa amohele thuso efe kapa efe ho bahedene. 8 Rona re tshwanetse ho thusa batho ba jwalo, e le hore re tle re sebeletse nnete mmoho le bona. 9 Ke se ke ngoletse phutheho lengolo, empa Dioterefese, ya ratang ditulo tse kapele, ha a re amohele. 10 Ka baka lena, mohla ke tlang, ke tla hlahatsa mesebetsi ya hae yohle. O re etseletsa ka dipuo tse mpe. Ha tsena di sa mo kgotsofatse, o hana ho amohela badumedi, ebile o thibela le ba ratang ho ba amohela, mme o ba leleka phuthehong. 11 Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo. 12 Bohle ba paka Demetriose; le nnete e a mo paka. Le rona re paka jwalo, mme o a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete. Ditumediso tsa ho qetela 13 Ke ne ke sa na le tse ngata tseo nka o bolellang tsona, empa ha ke rate ho o ngolla tsona; 14 feela ke tshepa ho o bona haufinyane, mme ke tla bua le wena re shebane. 15 Kgotso e ke e be le wena. Metswalle ya rona e a o dumedisa. Le wena dumedisa metswalle ka mabitso. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa