1 Samuele 28 - BIBELE1 Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.” 2 Davida a re ho Akishe: “Ho lokile! O tla bona ntho eo mohlanka wa hao a tla e etsa!” Akishe a re ho Davida: “Ke hantle; o tla ba molebedi wa ka kamehla.” 3 Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha. Saule o ba tsietsing 4 Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa. 5 Ha Saule a bona mabotho a Bafilesita a tshoha, mme matshwafo a hae a uba habohloko. 6 Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta. 7 Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.” Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.” Senohe sa Ene-Dore 8 Saule a ikgakanya, a apara diaparo disele, a tsamaya le banna ba babedi, ba fihla ho mosadi eo bosiu. Saule a re ho mosadi eo: “Ke a o rapela: Ako ntshenolele tse tlang ho etsahala ka ho mpotsetsa ho badimo, o be o ntsosetse eo ke tla o bolella lebitso la hae.” 9 Mosadi eo a re ho yena: “O tseba seo Saule a se entseng, le kamoo a lelekileng dinohe le mathuela kateng kahara naha ena. Ke ka lebaka lang ha o nketsetsa leraba, hore ke tle ke bolawe?” 10 Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.” 11 Jwale mosadi eo a re: “Ke o tsosetse mang?” Saule a re: “Ntsosetse Samuele.” Samuele o a hlaha 12 Hang ha mosadi a bona Samuele a howeletsa haholo, a re ho Saule: “O nthetseditseng? Ke wena Saule!” 13 Yaba kgosi e re ho yena: “O se ke wa tshoha. O bonang?” Mosadi a re ho Saule: “Ke bona ntho e kang sethotsela e ropoha fatshe.” 14 Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?” Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.” Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho. Kahlolo ya Saule 15 Samuele a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o nkgathaditse ka hore o ntsose?” Saule a re: “Ke tsielehile haholo, hobane Bafilesita ba a ntwantsha, empa Modimo o mphuraletse. Ha a sa nkaraba, leha e le ka baporofeta kapa ka ditoro. Ke ka lebaka lena ke ileng ka o bitsa, hore o tlo mpolella seo ke tshwanetseng ho se etsa.” 16 Yaba Samuele o re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ha e le moo Morena a o furaletse, a fetohile sera sa hao? 17 Morena o o entse seo a neng a o bolelle sona pele, ka molomo wa ka. Morena o o amohile mmuso wa hao, o o neile e mong, e leng Davida, 18 hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno. 19 Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.” Saule o nyahama pelo 20 Hang ha Saule a utlwa mantswe a Samuele a tjapalla fatshe a tshohile haholo, a feletswe ke matla, hobane o ne a qetile letsheare lohle le bosiu bohle a sa je. 21 Mosadi eo a atamela ho Saule, a bona hore Saule o tshohile haholo, mme a re ho yena: “Lekgabunyane la hao le ile la mamela lentswe la hao, yaba le ipea kotsing ka ho phetha seo o ileng wa le laela sona. 22 Ka baka lena ke a o rapela, le wena ako mamele lekgabunyane la hao. A nke ke u fe thathana ya bohobe o je, o tle o matlafale, ebe o tswela pele leetong la hao.” 23 Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!” Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo. 24 Mosadi o ne a ena le namane e nontshitsweng ka sakeng. A potlaka, a e hlaba; a nka phofo, a e duba, a pheha bohobe bo sa lomoswang. 25 Tsena a di bea kapele ho Saule le bahlanka ba hae, mme ba eja, ba nto ema, ba tsamaya ka bona bosiu bona boo. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa