Sefela sa Salomone 8 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Hola o ho nna jwaleka kgaitsedi ya me, ya antseng letswele la mme, nka be ke ya o kgahlanyetsa kantle, ka o aka, ke sa nyatsuwe. 2 Nka be ke o nka, ka o isa tlung ya mme, mme o ka be o nthuta, mme nka be ke o fa o enwa veine e tswakilweng, metsi a dikharanata tsa me. 3 Le tsoho la hae le letshehadi le be katlasa hlooho ya me, mme a nkope ka le letona! 4 Lona baradi ba Jerusalema, ke a le antsha hore le se ke la tsosa, le se ke la phaphamisa thatohatsi ya ka, a eso ho ithatele. — 5 Elwa ke mang ya nyolohang feelleng, ya ikokotlelang ka moratuwa wa hae? Ke o phaphamisitse katlasa sefate sa apole, moo mmao a o tswetseng, moo ya o belehileng a o hlahiseditseng leseding. 6 O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova. 7 Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, leha e le dinoka di ke ke tsa le qwedisa. Leha e mong a ka ntsha letlotlo la ntlo ya hae kaofela bakeng sa ho ithekela lerato leo, a ka nyatsuwa. — 8 Re na le kgaitsedi e monyenyane ya esong ho be le matswele; re tla etsang ka kgaitsedi ya rona, mohla a hopolwang? 9 Ekare ha e ka ba lerako, re tla rwesa qhobosheane ya lona silefera; ekare ha e le monyako, re tla o kwala ka mamati a dikedare. 10 Nna, ke tla ba lerako, matswele a me a tla ba jwaloka ditora; ka baka leo, mahlong a hae ke tla ba jwaloka ya fumaneng kgotso. 11 Salomone o ruile serapa sa merara Baale-Hamone; o laeletse balemi merara; o itse, e mong le e mong a lefe ka dishekele tse sekete, bakeng sa ditholwana tsa yona. 12 Merara ya me a pela me. Dishekele tse sekete di ye ho wena, Salomone, mme makgolo a mabedi e be a ba lebelang ditholwana tsa yona. 13 Wena, moahi wa dirapa, thaka tsa ka di ela lentswe la hao hloko; o nkutlwise lona! 14 Moratuwa wa me, baleha, o lekise tshephe, leha e le namane ya kgama, dithabeng tsa menkwane! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa