Sefela sa Salomone 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ke rose ya Sarone, ke mohaladitwe wa diphula. 2 Kamoo mohaladitwe o leng kateng hara meutlwa, thatohatsi ya ka o jwalo hara barwetsana. 3 Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me. 4 O nkentse ka tlung e kwellang veine, folaga ya hae ho nna ke lerato. 5 Le ntiise ka maqebekwane a tholwana tsa morara, le ntlhasimolle ka diapole, hobane ke idibana ke lerato. 6 Tsoho la hae le letshehadi le be katlasa hlooho ya me, a nkope ka le letona! 7 Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele. — 8 Ke lentswe la moratuwa wa me! Bona, o a tla, o haola ka ho tlola le ka ho tlolaka hodima dithaba le maralla. 9 Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng. 10 Moratuwa wa me o a bua, o re ho nna: Tsoha, thatohatsi ya ka e ntle, tloha mona, o tle! 11 Hobane bona, mariha a fetile, dipula di kgaoditse, di ile; 12 dipalesa di se di hlaha fatshe; ke nako ya melodi ya dinonyana, lentswe la leebakgorwana le se le utlwahala naheng ya rona. 13 Sefate sa feiye se se se bonahatsa ditholwana tse tala tsa sona, merara e thuntseng e arubetsa ka monko o monate wa tsona. Raoha, thatohatsi e ntle ya ka, tloha mona, o tle! 14 Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle. 15 Le re tsomeleng diphokojwe le diphokojwana tsa tsona tse senyang masimo a merara, hobane merara ya rona e thuntse. 16 Moratuwa wa me ke wa me, mme nna ke wa hae; o fudisa mohlape wa hae hara mehaladitwe. 17 Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa