Luka 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jesu ha a le dijong tlung ya mofarisi. — Phodiso ya monna ya kgotsheng seema, ka Sabatha. 1 Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko. 2 Mme motho ya kgotsheng seema o ne a le pela hae. 3 Yaba Jesu o bua, a re ho baruti ba molao le ho bafarisi: Na ho ka lokela ho fodisa motho ka Sabatha na? Kapa tjhe? 4 Empa ba kgutsa. Yaba o mo nka, a mo fodisa, mme a mo kgutlisa. 5 Yaba o bua, a re ho bona: Ke mang ho lona, ekareng ha esele ya hae, leha e le kgomo ya hae, e wetse mokoting, a ke keng a phakisa ho e nyolla ka tsatsi la Sabatha na? 6 Mme ba sitwa ho mo araba mantsweng ao. Thuto hodima boikokobetso, — le hodima mohau. 7 Ha a lemoha kamoo ba bileditsweng dijong ba ikgethelang ditulo tse kapele kateng, a ba bolella setshwantsho, a re: 8 Enore ha motho a o bileditse bohading, o se ke wa dula tulong e kapele, esere mohlomong e mong ya o fetisang ka ho hlomphuwa a ka tshoha a bitsitswe le yena ke monga dijo; 9 mme ya le bitsitseng, wena le yena, a ka tla o bolella, a re: Suthela enwa tulo; mme jwale, o qale ho ya dula tulong e kamorao ka dihlong. 10 Empa enore ha o bitsitswe, o ye, o dule tulong e kamorao, hore ya o bitsitseng ha a etla, a re ho wena: Motswalle, fetela pele. Mme jwale, e tla ba hlompho ho wena hara ba dutseng dijong le wena. 11 Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa. 12 Hape, a re ho ya mmitsitseng: Enore ha o etsa mmoka wa motshehare, leha e le wa ho lalla, o se ke wa bitsa metswalle ya hao, leha e le banabeno, leha e le ba heno, leha e le barui bao o ahisaneng le bona; esere mohlomong le bona ba o bitsa, ba ananya tsa hao. 13 Empa enore ha o etsa mmoka, o bitse bahloki, le dihole, le dihlotsa, le difofu; 14 mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng. Setshwantsho sa ba bileditsweng dijong. 15 E mong wa ba dutseng le yena dijong, ha a utlwa taba tseo, a re ho yena: Ho lehlohonolo ya tla ja bohobe mmusong wa Modimo! 16 Empa Jesu a re ho yena: Motho e mong a etsa selallo se seholo, mme a mema ba bangata. 17 A roma mohlanka wa hae ka nako ya ho lalla, ho bolella ba bitsitsweng, ho re: Tloong, hobane ntho tsohle di se di lokisitswe. 18 Empa bohle ba eba ntswe le le leng ho itatola. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona. Ke a o rapela, o ntatolele hantle. 19 E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o rapela, o ntatolele hantle. 20 E mong hape a re: Ke nyetse mosadi, ke sitwa ho ya ke hona. 21 Mohlanka eo a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Yaba monga ntlo o a halefa, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele mapatlelong le diterateng tsa motse, mme o tlise kwano mafutsana, le dihole, le dihlotsa, le difofu. 22 Mohlanka a re: Morena, ho se ho entswe kamoo o laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng. 23 Morena a re ho mohlanka: Tswela ditseleng le pela metero, mme o kganne batho, ba kene, ntlo ya ka e be e tlale. 24 Hobane ke re ho lona: Ha ho le a mong wa banna bale ke ba bitsitseng, ya tla latswa selallo sa ka. Ditshwanelo tsa barutuwa ba Jesu. 25 Bongata bo boholo bo ne bo tsamaya le Jesu. Yaba o reteleha, a re ho bona: 26 Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka. 27 E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka. 28 Hobane ke mang hara lona, ha a rata ho haha tora, a ke keng a dula pele ho bala se tla ntshetswa yona, a tle a bone ha a ena le seo a ka e phethang ka sona? 29 Esere mohlomong, ha a theile motheo, mme a sitwa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma, 30 ba re: Motho enwa o qadile ho haha, mme o sitilwe ho phetha. 31 Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na? 32 Ha ho se jwalo, eo ha a sa le hole, a ka roma manqosa ho yena ho ya botsa tsa kgotso. 33 Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka. 34 Letswai ke ntho e monate; empa letswai ha le tapile, le ka nokwa kang? 35 Ha le na mosebetsi bakeng sa mobu, kapa bakeng sa moitedi; ba le lahlela ntle. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa