Jeremia 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)Motse wa Jerusalema o kenwa ke Nebukadresare; Jeremia o ntshwa teronkong. 1 Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella. 2 Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa. 3 Balaodi kaofela ba morena wa Babilona ba tla, ba emisa monyakong o mahareng; e le Nergale-Sharetsere, Samgare-Nebu, Sarsekime, molaodi wa balebedi, Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le matona a mang kaofela a morena wa Babilona. 4 Eitse ha Tsedekia, morena wa Juda, le bahlabani kaofela ba ba bona, ba baleha, ba tswa motseng bosiu, ka mmila wa serapa sa morena, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, ba tswa ka tsela ya lehwatata. 5 Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng. 6 Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya. 7 A ntoo honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo ho mo isa Babilona. 8 Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena le matlo a ba setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema. 9 Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona. 10 Empa haele mafutsana a setjhaba, a se nang eng le eng, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a a tlohela lefatsheng la Juda, a ba a a nea masimo a merara le masimo a lengwang. 11 Nebukadresare, morena wa Babilona, a laela Nebusaradane, molaodi wa balebedi, bakeng sa Jeremia, a re: 12 Mo nke, o mo ele sedi; o se ke wa mo etsa letho le lebe; o mpe o mo etse jwalokaha a ka o bolella. 13 Yaba Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ba ena le Nebushasbane, molaodi wa maqhalaha, le Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le balaodi kaofela ba morena wa Babilona, 14 ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba. 15 Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, ha a ntse a le lebaleng la ntlo ya teronko, la re: 16 Eya, o bolelle Ebede-Meleke, Moethiopia, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bona, ke ya etsahatsa mantswe a ka bakeng sa motse ona ka bobe, e seng ka molemo, a tla etsahala pontsheng ya hao, tsatsing le itseng. 17 Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang. 18 Hobane ke tla o namolela, o ke ke wa wa ke lerumo, mme bophelo ba hao e tla ba kgapo ya hao, hobane o hlile o itshepetse nna, ho bolela Jehova. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa