Isaia 27 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng. 2 Ka tsatsi leo, le nne le bine jwalo hodima morara wa ka o lakatsehang: 3 Ke nna Jehova, ke leng molebedi wa wona, ke o nosetsa ka dinako tsohle, ke o sireletsang bosiu le motshehare, hore o se ke wa senngwa ke letho. 4 Ha ke sa na bohale; leha ho le jwalo, ha nka kgahlana le dibajwa le meutlwa, ke tla lwana le tsona, ke itihele ho tsona, ke di tjhese kaofela ha tsona. 5 Ha ho kahosele, haese hore batho ba itshwarelle ka nna, ba etse kgotso le nna, ba etse kgotso le nna. 6 Letsatsi le a tla leo Jakobo a tlang ho mela metso ka lona, Iseraele a hlahise dipalesa le lehlomela, mme ba tla tlatsa lefatshe ka ditholwana tsa bona. 7 Na o re, Jehova o otlile Iseraele ka dikotlo tse kang tseo bahlorisi ba hae ba otlilweng ka tsona, kapa na o mmolaile jwalokaha a bolaile ba mmolaileng na? 8 O mo otlile ka tekanyo, ka ho mo tebela, wa mo hlokola ka moya wa hao o fokang ka matla, o kang wa mohla sefefo sa botjhabela. 9 Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa. 10 Hobane motse o matla o dutse o nnotshi, ke setsha se tlohetsweng, se sebaka jwaloka nahathothe; namane e tla fula teng, e bothe teng, e je dihlahla teng. 11 Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela. 12 Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho qala ka noka ya Eufrate ho isa molapong wa Egepeta; mme, lona, bana ba Iseraele, le tla tholwa e mong le e mong wa lona. 13 Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa