Hosea 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Iseraele, kgutlela ho Jehova, Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao. 2 Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona. 3 Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau. 4 Ke tla fodisa bokwenehi ba bona, ke ba rate ka ho ithatela ha ka, hobane bohale ba ka bo tlohile ho bona. 5 Ke tla ba jwaloka phoka ho Iseraele; o tla thunya jwaloka dipalesa, a mele metso jwaloka Lebanone. 6 Makala a hae a tla hlomela; kganya ya hae e tla ba jwaloka ya mohlwaare, le monko wa hae jwaloka wa Lebanone. 7 Ba ahileng moriting wa hae ba tla tsosa koro, ba thunye jwaloka morara; ho tuma ha hae ho be jwalokaha morara wa Lebanone. 8 Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna. 9 Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa