Habakuke 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)Bakalde ba tla futuhela naha ya Iseraele. 1 Ke ena tshenolo e senolotsweng moporofeta Habakuke: 2 Jehova, ke tla howeletsa ho le hokae, o sa nkutlwe? Ke tla bitsa ho wena ho le hokae ka baka la ho tsohelwa matla, o sa mpholose? 3 O mpontshetsang bolotsana, mme o tadimelang hloriso? Tshenyeho le bothata di pela ka; ho a omanngwa, ho bo ho tsohe le diphapang. 4 Ka baka leo, molao o robetse, ha ho sa ahlolelwa ka ho loka; hobane molotsana o dikile ya lokileng, mme kahlolo e a kgopamiswa. 5 Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa. 6 Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona. 7 Se a tshabeha, se a tshoheha; ke sona se itaolelang, se ikgodisang se nnotshi. 8 Dipere tsa sona di bobebo ho fetisa mangau, di lebelo ho fetisa diphiri tsa phirimana; bapalami ba sona ba feta ba kgemisitse. Bapalami ba sona ba tswa hole; ba fofa jwaloka ntsu e itlhahanelang ho jeng ha jona. 9 Bohle ba tlela ho senya; phehello ya difahleho tsa bona ke ho tswela pele, ba bokella ba hapilweng jwaloka lehlabathe. 10 Setjhaba seo se soma marena, ho sona mahosana ke sesomo; se tsheha qhobosheane e nngwe le e nngwe, se be se bokelle lerole, se di hape. 11 Jwale, se ye se fete jwaloka moya, se tswele pele, se be se be le molato, hobane matla ao a sona ke modimo wa sona. 12 Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela. 13 Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka? 14 O etseditseng batho, ba be jwaloka dihlapi tsa lewatle, jwaloka dihahabi tse se nang ya ka di busang? 15 O ba nyolla kaofela ka selope; o ba hula ka letanta la hae, a be a ba bokelle ka letlowa la hae; ebe hona a thabang, a nyakallang; 16 ka baka leo, o thabela letanta la hae, o tjhesetsa letlowa la hae dibano, hobane ke ka tsona kabelo ya hae e nonneng, le dijo tsa hae di hlabosang. 17 Ha ho le jwalo, na e ka kgona a nne a tsholle letlowa la hae, a tle a bolaye ditjhaba kamehla, a se na mohau na? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa