Diproverbia 9 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Bohlale bo hahile ntlo ya jona ka ditshiya tse supileng tse betlisitsweng hantle. 2 Bo hlabile dikgomo tsa jona, bo tswakile veine, bo tekile le tafole ya jona. 3 Bo romile makgabunyane a jona ho mema, le bona bo eme mahareng a motse, bo a tlerola, bo re: 4 He! ya sethoto ke mang? a fapohele kwano! 5 Le ho ba hlokang kelello bo re: Tloong, le je bohobe ba ka, le nwe le veine eo ke e tswakileng. 6 Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo. 7 Ya layang mosomi o ipatlela sekgobo, ya kgalemelang e mobe le yena o ya hlomphollwa. 8 O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata. 9 Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo. 10 Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; ho tseba Ya halalelang ke hlalefo. 11 Hobane ke ka nna ditshiu tsa hao di tla atiswa, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe. 12 Ha o hlalefile, ke wena o tla thuswa ke hlalefo ya hao; empa ha o le mosomi, ke wena o nnotshi o tla senyehelwa. 13 Bowatla ke mosadi ya lerata; ha bo na pelokeletsi, ha bo na tsebo. 14 Bo dula pela monyako wa ntlo ya bona monamong le diphahameng tsa motse, 15 ho howeletsa ba fetang ka tsela, ba tsamayang ka ho loka; bo re: 16 Ya leebelo a fapohele kwano; mme ho sethoto bo re: 17 Metsi a utsuwang a monate, le bohobe bo jewang ka sephiring bo a hlabosa. 18 Athe eo ha a tsebe hobane ke moo bafu ba leng teng, le hoba ba lallang le bona ba mohohlong wa nqalo ya bafu. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa